Kalimo Abednigo Pitso

Kalimo Abednigo Pitso Poems

Tsamaea moholoane, tsamaea
Ke neng u kula ngoana ntate
Ke neng re seka meokho ke ho talima
Ha u tsamaea re tla sala le mang?
...

HOJA KE NE KE LE KHELEKE
KE NE KE TLA BINA PINA E MONATE
PINA E MONATE EA MAEBANA KHOROANA
KE KE KE TLA HOELETSA SA TSOERE LEHLAKENG.
...

MAKOTI, PALESA E NTLE TS'OANAHALI!
RE LI NTSITSE LIKHOMO TSA BOHALI
RE LI NTSITSE TS'EHLANA E SE HO RATEHA
NGOANA HAA MOTLE, OA BOHEHA!
...

SHOETSOE EA LITHOTA SEKHABISA NAHA
PALESA E NTLE EA NAHA SE APARA LITHOTA
KHAREBE EA MAZULU, KHOSATSANA EA BASIEA
SENTEBALE O MOTLE SA LITS'OMONG KHAREBE
...

BOTLE BA HAO BOA MAKATSA MOLEKANE
BOTLE BA SEKOLO SA HESO BOA TSOTEHA
KAJENO O NTSITSE LIKAKAPA BARUTEHI
MAOBANE O NTSITSE MATONA A NAHA
...

EA LLA NTHO EA MAKHOA KA TS'OHA
EA LLA EA NTHONKHA MAQEBA A FOLILE
EA LLA EA MPOLELLA TSE BOHLOKO
KE FONOFONO NTHO EA MAKHOOA.
...

KE 'na ngoana letla lepepiloe
Ngoana ua ho hloka ntatae
Ngoana ua ho hloka labo Lesika
Lebaka ke hobane ke Moramang.
...

Kalimo Abednigo Pitso Biography

Ke hlahetse motsaneng o monyeyane oa Thoteng ea Moli motse moholo Maseru Lesotho, Batsoali ba ka ke mofu Masilo 'me oa ka ea ntseng a phela ke 'Maneo Pitso.Ke lakatsa ho leboha mesuoe hlooho ea sekolo sa heso sa Machekoaneng Primary School ka ho nketsa monna.Nka lebala 'm'e Mpho Nau, Mabahlakoana Sehlooho, 'Mabaloisane Mohapi le ba bang joang.Ke boetse ke leboha moholoane oa ka ea seng a sa phele e leng Neo Pitso, khaitseli ea ka Ntahli Pitso le moena ua ka Ts'epo Pitso ka ts'ehetso ea bona.Ho tloha bongoaneng ke rata ho ngola haholo hape ke rata le ho bala. Hona joale ke lula makhooeng lefats'eng la Germiston naheng ea South Africa. Lebitso la buka ea ka ke LERUMO LA KABELOA MANONG Mona ke loana ntoa ea leleme)

The Best Poem Of Kalimo Abednigo Pitso

Tsamaea Moholoane(Khopotso Ea Lefu La Moholoane Oa Ka, Neo Pitso,2005

Tsamaea moholoane, tsamaea
Ke neng u kula ngoana ntate
Ke neng re seka meokho ke ho talima
Ha u tsamaea re tla sala le mang?

Tsamaea moholoane, tsamaea
Le ha maobane o bitsitsoe sekulane
Bona lebitla ke lena le u emetse
Ha u tsamaea re tla sala le mang?

Tsamaea moholoane, tsamaea
Maobane re ne re u talimile u haula
Kajeno re epa lebitla ho u epela
Ha u tsamaea re tla sala le mang?

Tsamaea moholoane, tsamaea
Seboko sa hao sea haula ngoana batho
Kajeno u kutsi, itsamaele
Ha u tsamaea re tla sala le mang?

Tsamaea ngoana ntate, tsamaea
Bophelo ke ntoa ha bo hloloe
Lebala bophelo ba maobane ngoana 'm'e
Ha u tsamaea re tla sala le mang?

Maobane re ne re bina makolilo
Kajeno re bina koli-a-malla, ra shoelella
Thabo ea maoba e felile, itsamaele
Ha u tsamaea re tla sala le mang?

Tsamaea ngoana'batho, itsamaele
Ntoa e re hlotse ngoaneso, u iponetse
Kajeno ho utloahetse itsamaele
Mosotho o re fika le uele lapeng leso
Ha u tsamaea u hle u itsamaele

Kalimo Abednigo Pitso Comments

karabo masha 26 January 2018

Amazing work ntate Pitso

0 1 Reply

Kalimo Abednigo Pitso Quotes

TSAMAEA MOHOLOANE (KHOPOTSO EA LEFU LA MOHOLOANE UA KA, NEO PITSO,2005) TSAMAEA MOHOLOANE, TSAMAEA KE NENG O KULA NGOANA NTATE KE NENG RE SEKA MEOKHO KE HO TALIMA HA U TSAMAEA RE TLA SALA LE MANG? TSAMAEA MOHOLOANE, TSAMAEA LE HA MAOBANE O BITSITSOE SEKULOANE BONA LEBITLA KE LENA LE U EMETSE HA U TSAMAEA RE TLA SALA LE MANG? TSAMAEA MOHOLOANE, TSAMAEA MAOBANE RE NE RE U TALIMILE U HAULA KAJENO RE EPA LEBITLA HO U EPELA HA U TSAMAEA RE TLA SALA LE MANG? TSAMAEA MOHOLOANE, TSAMAEA SEBOKO SA HAO SEA HAULA NGOANA BATHO KAJENO U KUTSI, ITSAMAELE HA U TSAMAEA RE TLA SALA LE MANG? TSAMAEA NGOANA NTATE, TSAMAEA BOPHELO KE NTOA HA BO HLOLOE LEBALA BOPHELO BA MAOBA NGOANA 'M'E HA U TSAMAEA RE TLA SALA LE MAMG? MAOBANE RE NE RE BINA MAKOLILO KAJENO RE BINA KOLIA-MALLA, RA SHOELELLA THABO EA MAOBA E FELILE, ITSAMAELE HA U TSAMAEA RE TLA SALA LE MANG? TSAMAEA NGOANA'BATHO, ITSAMAELE NTOA E RE HLOTSE NGOANESO, U IPONETSE KAJENO HO UTLOAHETSE ITSAMAELE MOSOTHO O RE FIKA LE UELE LAPENG LESO HA U TSAMAEA U HLE U ITSAMAELE

Kalimo Abednigo Pitso Popularity

Kalimo Abednigo Pitso Popularity

Close
Error Success