Makoti(Lindiwe) Poem by Kalimo Abednigo Pitso

Makoti(Lindiwe)

MAKOTI, PALESA E NTLE TS'OANAHALI!
RE LI NTSITSE LIKHOMO TSA BOHALI
RE LI NTSITSE TS'EHLANA E SE HO RATEHA
NGOANA HAA MOTLE, OA BOHEHA!

HALING BA HAE HO TSOILE MAROLE
HO TSOILE KHOMO TSA LESIKA LITHOLE LE LITHOJANA
HO TSOILE LIKHOMO BO-TLAKA-TS'OANA
LI TSOELA UENA TS'EHLANA.

E FIHLILE KHOMO EA RONA BANNA
KHOMO EA HO KATLOA SENNA
BALISANA, LE SE NA LE LUMA-LUMA
PITSA KE TSEO LI SE NTSE LI HOBA

MOSALI MOHOLO HA SE HO THABA
O POPOMETSE MOSEMENG KE THABO
BA RE LIJO O JA LIMENYE-MENYE
O NONNE E TLABA NYEBE-NYEBE

RANNYEO O NE A SE PHELA LIPHATENG
KAJENO O BOETSE BOCHENG
MAHLEU U SE AA NOA LE KA LITELU
RE BONA KA HO IPHOLLA SELELU!

BANA BA BO NGOETSI KE KHORA
LINDIWE ENOA HA SE LETSOHA-PHORA
SELIBENG U EA KA MALUNGOA-LUNGOANA
BANNA RE TLO JA THAHAMESO

************

Monday, June 19, 2017
Topic(s) of this poem: wedding greetings
POET'S NOTES ABOUT THE POEM
Ena ke thothokiso eo ke e qapelang mosali ua ka
COMMENTS OF THE POEM
Nawene Frank Ponya 19 July 2023

Ke batla manollo ya thothokiso ena

1 0 Reply
READ THIS POEM IN OTHER LANGUAGES
Kalimo Abednigo Pitso

Kalimo Abednigo Pitso

Maseru, Lesotho
Close
Error Success