Athe 'na Ke Ua Mag? Poem by Kalimo Abednigo Pitso

Athe 'na Ke Ua Mag?

KE 'na ngoana letla lepepiloe
Ngoana ua ho hloka ntatae
Ngoana ua ho hloka labo Lesika
Lebaka ke hobane ke Moramang.

Ha ke bua ke hamela letanteng
Athe 'na ke ua mang bana'beso
Bo rangoane le bo malome ba 'nyemotsaka feela
Ke fetohile sekhaupane ua sebele
Lebaka ke hobane ke Moramang.

Le lokong ha ke hlahelle
Mafung ha ke ts'ele le mobu
Baholoane le likhaitseli ba nloants'a ka mantsoe
Ntate a nketsetsa sehl'oho ka bitsoa Mohanuoa
Lebaka ke hobane ke Moramang.

Athe 'na ke ua mang nthoana batho?
Mothoa sekoalloa ka ntle ho mokhoro
Lebitso lebe ke seromo ngoana batho
Kajeno bohle baa tseba!
Hore 'na ke 'na Moramang.

Athe 'na ke ua mang lichabeng
Marena haa 'nehe toka khotla
Maqheku a 'nyemotsaka ka paka tsa matlo
Balisana ba nfetotse ntetekeng nku ea balimo
Ho bohloko ho lahloa ke ntate.

Athe 'na ke ua mang 'm'e?
Ke ntja selahloa le boea
'M'e bua 'nete ke khaotsoe ho bitsoa Moramang
Ekaba ntate u kae 'm'e
Athe 'na ke ua mang nthoana batho?

**********

Tuesday, June 20, 2017
Topic(s) of this poem: sadness
POET'S NOTES ABOUT THE POEM
Batsoali, khaotsang ho lahla bana ba lona, le etsetsa bana sehl'oho ka hore ba hloke batsoali ka bobeli
COMMENTS OF THE POEM
READ THIS POEM IN OTHER LANGUAGES
Kalimo Abednigo Pitso

Kalimo Abednigo Pitso

Maseru, Lesotho
Close
Error Success