Ke hlahetse motsaneng o monyeyane oa Thoteng ea Moli motse moholo Maseru Lesotho, Batsoali ba ka ke mofu Masilo 'me oa ka ea ntseng a phela ke 'Maneo Pitso.Ke lakatsa ho leboha mesuoe hlooho ea sekolo sa heso sa Machekoaneng Primary School ka ho nketsa monna.Nka lebala 'm'e Mpho Nau, Mabahlakoana Sehlooho, 'Mabaloisane Mohapi le ba bang joang.Ke boetse ke leboha moholoane oa ka ea seng a sa phele e leng Neo Pitso, khaitseli ea ka Ntahli Pitso le moena ua ka Ts'epo Pitso ka ts'ehetso ea bona.Ho tloha bongoaneng ke rata ho ngola haholo hape ke rata le ho bala.
Hona joale ke lula makhooeng lefats'eng la Germiston naheng ea South Africa.
Lebitso la buka ea ka ke
LERUMO LA KABELOA MANONG
Mona ke loana ntoa ea leleme
Tsamaea moholoane, tsamaea
Ke neng u kula ngoana ntate
Ke neng re seka meokho ke ho talima
Ha u tsamaea re tla sala le mang?
...
HOJA KE NE KE LE KHELEKE
KE NE KE TLA BINA PINA E MONATE
PINA E MONATE EA MAEBANA KHOROANA
KE KE KE TLA HOELETSA SA TSOERE LEHLAKENG.
...
MAKOTI, PALESA E NTLE TS'OANAHALI!
RE LI NTSITSE LIKHOMO TSA BOHALI
RE LI NTSITSE TS'EHLANA E SE HO RATEHA
NGOANA HAA MOTLE, OA BOHEHA!
...
SHOETSOE EA LITHOTA SEKHABISA NAHA
PALESA E NTLE EA NAHA SE APARA LITHOTA
KHAREBE EA MAZULU, KHOSATSANA EA BASIEA
SENTEBALE O MOTLE SA LITS'OMONG KHAREBE
...
BOTLE BA HAO BOA MAKATSA MOLEKANE
BOTLE BA SEKOLO SA HESO BOA TSOTEHA
KAJENO O NTSITSE LIKAKAPA BARUTEHI
MAOBANE O NTSITSE MATONA A NAHA
...