Maikutlo a ka a farasa
Pelo ya ka e qhitsa Madi
Ke hopotse ntate.
Athe lefatshe le jwang
Hobane le nyokotla feela ha le kgore
Le nile la kwenya ntate moholo
La boela la kwenya ntate.
Ke lla ka ntshi meokgo ha e tswe
Ke llela mehaeso
E ke keng ya kgutla
Empa sejana se settle ha se jele.
Seboko sa dikgutsana ho hlomola
Di lla di shebile kgutsong
Motseng o se nang Lerato
Ke tjho le ntshintshi ha e fihlelle.
Ke ntse ke so tele le ho lena le hodimo
Mehla le mehla ke ntse ke kgotsa
Hore na ebe ke nnete
Empa o e apere e ntsho kobo.
Ke ntse ke hweletsa fatshe
Ke lla ke shebile kgutsong
Ke re moholokohlo buleha
Ke bone mehaeso kaofela.
Hoja ke ne ke laela jwaloka Ramasedi
Nne nka re lefatshe nyokola
O hlatse ntate wa ka Masilo Pitso
Neo Pitso le Mosiuoa Sekhonyana.
Empa tshepo ya ka ke yena
Ntse ke tla kopana le mehaeso
Letsatsi la tsoho lea tla
Ho ngotswe bukeng ya dibuka.
This poem has not been translated into any other language yet.
I would like to translate this poem