Nane Kgutswe Ya Bahajane (Seso'tho Version) Poem by Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

South Africa/ Johannesburg/ Krugersdorp/ Munsieville

Nane Kgutswe Ya Bahajane (Seso'tho Version)

Ba bua pale efe ka 'na?
‘na mofumahadi ya neng a le lelekwa hare ha lehwatata la nyahamo.
Ke chele, ke ntshofetse hare ha dikgaheng tsa mehleng kgale,
Mehleng ya tebalo.
Ke sebaka se se kae ke dutse lefifing leno?
Ho tseba fela dinaledi tsa bosiu.
Empa ditho tsaka, tse fometseng, tse korotlang, di re entse e le dilemolemo,
Ke bolokile dikgabunyana tsaka.
Lefeela la tsala popo.
Lefifi la tsala kganya.
Kgokgothong, lefeeleng ho a hlaha bana ba ba bedi.
Hahane le Hajane.
Masole a dikgaha di'tsho, baalosi ba dihajane.
Marakong a mangobo a mahaheng ba ithutile.
Thuto ya mahodimo e ne e le sejo sa rona sa malatsi kaofela.
Hobane lefifi la masiu, le la maphelo a rona ke la leloko lengwe.
Re sebedisa dinaledi tsa mawatle a le hodimo ho ngola makunutu a dithuto kgolo.
Lefatshe le le menwaneng ya rona.
Hobane masiu, lefatshe le ne dibupuwa tsa mehlolo.
Re batla ho tseba hohle le tsohle.
Re le baahlodi ba batho ba batlang nnete.
Thuto e nela tsebo sebopo.
Tsebo e tsala nala.
Nala e bula tsela ya nnete.

Nane Kgutswe Ya Bahajane (Seso'tho Version)
Monday, December 16, 2019
Topic(s) of this poem: dark
COMMENTS OF THE POEM
READ THIS POEM IN OTHER LANGUAGES
Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

South Africa/ Johannesburg/ Krugersdorp/ Munsieville
Close
Error Success