Ke kopakopane; ke hloka tharollo;
Empa nthate ketla rarabolleha;
Ehh ke bile lekgoba la dikgupiso ebile kenale mabadi a bopaki;
Empa se nqhelele ka thoko bakeng seo.
Ke MPA feela ke kopakopane, ke hloka tharollo.
Nkuke o kenye rakong la pelo ya hao;
Seka leka ho hlodisa ka hara laka hobane sello ke seo otla se fumana feela;
Ehh kea dumela,
Ke moferefere, ke rarahane e feela hotseba mang?
Mohlong rato la hao ke tswekere etla phoka bodila bo ahileng kahare ho nna.
Ae bo! Se ntekole, se ntlhathlobe wena nthate tsohle ditla aparelwa keho loka.
Eba lesedi, o bolaye Fifi le hapileng pelo yaka.
Ke kopakopane, ke hloka tharollo.
Wena mohapi wa yaka pelo mpholose;
Tshwasa tshepo yaka, o ntutubulle;
Nlatswise monate-nlatswise lerato;
Kgantsha baka, wena naledi ya meso;
Ke lehloyo, ke bokgopo, ke kgopisehile;
Empa wena mohapi nthuse;
Ke kopakopane, ke hloka tharollo
This poem has not been translated into any other language yet.
I would like to translate this poem
a great poem indeed