Kepollo Poem by Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

South Africa/ Johannesburg/ Krugersdorp/ Munsieville

Kepollo

Kea l'amohela bana ba lehodimo a letsho, Kea l'amohelang bara le baradi ba tsielehileng.
Ke bina ka thabo ha ke le bona.
Hobane tlas'a meriti ya ba lahle'ileng, senatla se tla tso'a ditorong tsa lona tse sothe'ileng le ditopo tse tabo'ileng.
Bao dilemong tsa kgale ba sitiwe ke ho utlwa pitso ya mahodimo a hodimo,
Jwale ba tla utlwa tsa mahodimo a ka tlase.
Hobane a ka tlase ha kgetha kapa hona ho etsa dikopo tsa hore na ke ofeng wa bana ba lona ba tla fella teng.
S'ka wa tšaba lefifi,
hobane ke mono moo o tla fumana le hae le le ncha teng.
Hopola, ha o ntse o itsamaela feela lefeellong la lefatše le ka tlase,
mangeloi a hodimo ha a bine seo mangeloi a tlase a se binelang.
Hobane dipina tsa rona ke tsa kutlo bohloko le maswabi.
Dithapelo tsa rona ke dihlong tsa ho pallwa ke diketso tsa kgale.
'Me tšepo ya rona ke ho etsolla botle ba lefatše le re fifatsang ka moriti wa lona.

Kepollo
This is a translation of the poem The Unearthing by Ofentse Mercy Hajane
Sunday, April 23, 2023
POET'S NOTES ABOUT THE POEM
Original poem: The Unearthing translated to SeSotho
COMMENTS OF THE POEM
READ THIS POEM IN OTHER LANGUAGES
Ofentse Mercy Hajane

Ofentse Mercy Hajane

South Africa/ Johannesburg/ Krugersdorp/ Munsieville
Close
Error Success