TLOPO KGUBEDU Poem by Isabella Motadinyane

TLOPO KGUBEDU



Bonang wee
bonang yoo
lapeng laheso
ho tsikitsano ya meno
basadi ba kgelella dikeledi
bosiu le motsehare
tlopo kgubedu
kgoho a ntsho e kene
lapeng la heso
ngwana mme ntate
e qadile ka ntja ka ntle
a kobotile ho fihla leseeng
boning wee
bonang yoo
re tla bona re entse
jwang na
thepa e ile yohle
re fuma keledi tsa
mme wee ese ele pina.

COMMENTS OF THE POEM
READ THIS POEM IN OTHER LANGUAGES
Close
Error Success